PROTHOKHOLO YA TLATSETSO
Rephaboliki ya Afrika Borwa, (tseo mmoho mona di bitswang ?Mekga e leng Teng ya Tumellano?)
KA HO HLOKOMELA Tumellano ya Kgwebo, Ntshetsopele le Tshebedisano mahareng a Dinaha tsa Yuropa le Dinaha tseo e leng Ditho, ka lehlakoreng le leng, le Rephaboliki ya Afrika Borwa, ka lehlakoreng le leng hape, (e bitswang ?TDCA?), e ileng ya saenwa mane Pretoria ka la 11 Mphalane 1999 hape e kene tshebetsong ka la 1 Motsheanong 2004;
TEMOHO YA tumellano ya Dinaha tse ntjha tseo e leng Ditho tse leshome mane Kopanong ya Yuropa ka la 1 Motsheanong 2004;
TEMOHO ya hore, ka ho ya ka Athikele ya 6 ya Molao wa Tumellano wa 2003, tumellano ya Mekga e metjha e Dumellanang ho TDCA e amohetswe ka sephetho sa prothokholo mabapi le TDCA;
DI DUMALLANE KA MOKGWA O LATELANG:
Karolo ya 1
Tokiso ya tokomane ya TDCA ho kenyelletswa le Dihlomathiso tsa yona le Diprothokholo
Athikele ya 1
Athikele ya 2
Dipuo le palo ya mantlha ya Athikele ya 108 ya TDCA di tla nkelwa sebaka ke hona ho latelang:
Athikele ya 3
Tekanyetso ya Tefiso
Lenaneng la 6 la Sehlomathiso sa IV sa TDCA, ditekanyetso tsa tefiso bakeng sa ditholwana tsa lefatshe lohle tse hlophisitsweng le tsa ditholwana tsa lefatshe lohle tse tswakilweng di tla eketswa ka ditone tse 1 225 le ditone tse 340, ka tatellano
Athikele ya 4
Prothokholo ya 1 ya Tumellano ya Kgwebo, Ntshetsopele le Tshebedisano e tla fetolwa ka mokgwa ona o latelang:
Athikele ya 16 e tla nkelwa sebaka ke hona ho latelang:
Ditifikeiti tsa suthiso tsa EUR.1 tseo ho fanweng ka tsona ka tshwanelo di lokelwa ho tiisetswa ka e nngwe ya dipolelwana tse latelang:
Athikele ya 17 e tla nkelwa sebaka ke ho latelang:
Khopi e hlahisitsweng ka mokgwa o tshwanetseng e lokelwa ho tiisetswa ka e nngwe ya mantswe a latelang:
Sehlomathiso sa IV se tla nkelwa sebaka ke hona ho latelang:
Sebaka le mohla
Tshaeno ya moromedi; tlatselletso, lebitso la motho ya saenang phatlalatso le lokela ho bontshwa ka mongolo o hlakileng
Ha tiisetso ya tshupamolato e etswa ke moromedi ya dumelletsweng ka moelelo wa Athikele ya 20 ya Prothokholo, nomoro ya tumello ya moromedi ya dumelletsweng e tshwanetse ho kengwa sebakeng sena. Ha tiisetso ya tshupamolato e sa etswe ke moromedi ya dumelletsweng, mantswe a ka masakaneng a tlilo tlohelwa kapa sebaka sa tlohelwa se sena letho.
Boemo ba mantlha ba dihlahiswa bo lokelwa ho bontshwa. Ha tiisetso ya tshupamolato e amana ka botlalo kapa ka karolo le dihlahiswa tse tswang Ceuta le Melilla ka ho ya ka moelelo wa Athikele ya 36 ya Prothokholo, moromedi o tshwanetse ho bolela ka ho hlaka tokomaneng eo ho yona tiisetso e etswang ka ho sebedisa letshwao lena ?CM?.
Ditshupo tse di ka tlohelwa ha tlhahisoleseding e le teng ka tokomaneng.
Sheba Athikele ya 195 ya Prothokholo. Moo ho sa hlokeheng hore moromedi a saene, ho tla ba le tokollo ditlamong tsa ho saena mme hape hona ho tla lokolla ditlamong le lebitso la motho ya saenneng.
Karolo ya 2
Dipehelo tsa diphetoho
Athikele ya 5
Ditherisano
Rephaboliki ya Afrika Borwa e itlama hore e ke ke ya etsa tseko efe kapa efe, kopo kapa ho romela kapa ho fetola kapa ho hula tumellano efe kapa efe ka ho ya ka Diathikele tsa GATT 1994 XXIV.6 le XXVIII mabapi le kgodiso ya Setjhaba. Ho fihlela mafelong a Phupu 2004, mme le ha ho le jwalo, Setjhaba se tla kgahlwa ho ela hloko ho ba le ditherisano tse ding hape ka tlasa Athikele ya 22.2 ya TDCA.
Athikele ya 6
Thepa e leng tseleng kapa e leng polokelong ya nakwana
Dipehelo tsa Tumellano di tla sebediswa thepeng e romelwang ho tswa Afrika Borwa di leba ho e nngwe ya Dinaha tse ntjha tsa Ditho kapa ho tswa ho e nngwe ya Dinaha tse ntjha tsa Ditho di leba Afrika Borwa, tse latelang dipehelo tsa Prothokholo ya 1 ho TDCA hape tseo ka baka la tumellano di leng tseleng kapa di le polokelong ya nakwana, ka polokelong ya thepa kapa sebakeng se sa sebedisweng mona Afrika Borwa kapa Naheng e ntjha eo e leng Setho.
Tlhokomelo eo ho tla fanwa ka yona dintlheng tse jwalo, ka ho ya ka tlhahiso ho bolaodi ba thepa ba naha bo rekang thepa ho tswa ka ntle, ho tloha dikgweding tse nne tsa mohla tumellano, le bopaki ba mohlodi o sebedisitsweng ke bolaodi ba thepa ba naha e romelang ka ntle.
Athikele ya 7
Ditekanyetso ka 2004
Mabapi le selemo sa 2004, dikeketso tsa divolumu tsa ditekanyetso tse leng teng tsa ditekanyetso ka ho ya ka divolumu tsa motheo, ho elwa hloko karolo ya nako e fetileng ya pele ho la 1 Motsheanong 2004.
Karolo ya 3
Dipehelo tse akaretsang le tsa ho qetela
Athikele ya 8
Prothokholo ena e tla bopa karolo ya bohlokwa ya Tumellano ya Kgwebo, ya Ntshetsopele le Tshebedisano mahareng a Dinaha tsa Yuropa le Dinaha tsa tsona tseo e leng Ditho le Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Athikele ya 9
Prothokholo ena e tla dumellwa ke Dinaha, ka Lekgotla la Kopano ya Dinaha tsa Yuropa lebitsong la Dinaha tseo e leng Ditho, le ke Rephaboliki ya Afrika Borwa ho ya ka mekgwa ya yona ya tshebetso.
Mekga e tla tsebisana ka phethahatso ya mekgwa ya tshebetso e tsamaelanang le hona eo ho buuweng ka yona temaneng e fetileng. Ditokomane tsa tumello di tla bolokwa Bongoding bo Akaretsang ba Lekgotla la Kopano ya Yuropa.
Athikele ya 10
Prothokholo ena e tla kena tshebetsong letsatsing la ho qala la kgwedi ya ho qala ka mora letsatsi la ho bolokwa ha tokomane ya ho qetela ya tumello.
Ho sa qhellwe thoko temana ya 1, Mekga e dumela hore, ho sa emetswe phethahatso ya mekgwa tshebetso ya ka hare bakeng sa ho kena tshebetsong ha Prothokholo, e tla e sebedisa bakeng sa nakwana ho tloha ka 1 Motsheanong 2004.
Athikele ya 11
Prothokholo ena e ngotswe ka dikhopi tse tsamayang ka bobedi ka puo tsohle tsa semmuso tsa Mekga e keng Tumellanong jwalo ka ha di boletswe Athikeleng ya 2, mme se seng le se seng sa sengolwa seo se sebetsa e le sa sebele.
